16.05.2013 Views

matsatsi – a - 7

matsatsi – a - 7

matsatsi – a - 7

SHOW MORE
SHOW LESS

You also want an ePaper? Increase the reach of your titles

YUMPU automatically turns print PDFs into web optimized ePapers that Google loves.

THAPELO

MOTS’EARE – LE - BOSIU

LIHORA – TSE – MASHOME A MABELI A METSO E

MENE (24)

MATSATSI – A - 7 – A - BEKE

MATSATSI – A – 365 – A - SELEMO

LETHATHAMO/CONTENTS

1. Ho Theoa Ha Thapelo Ea Lihora Tse 24 Matsatsi A 7 -24/7

2. Cambuslang, Scotland

3. Histori Ea Thapelo Tsa Hora Tse 24: Mefuta E Fapaneng

3.1 Testamente Ea Khale

3.2 Essenes

3.3 Kereke Ea Pele Ea Bakreste

3.4 Lehoatata La Egepeta

3.5 Qaleho Ea Limonasteri (Monastries)

3.6 Thapelo (Prayer Watch) Ea Celtic Bangor

3.7 Thapelo (Prayer Watch) Ea Fora (France)

3.8 St Bernard Oa Clairvaux

3.9 Moravians

3.10 Ngoaha Oa Bo-19 (Turn of the 19 th Century)

3.11 Mengoaha E ‘Meli E Tsoa Feta (Last Two Decades, 1980’s)

3.12 Ntlo Ea Thapelo Ea Machaba (International House of Prayer) Kansas

3.13 Jerusalem House of Prayer for All Nations (JHOP)

3.14 Uganda

3.15 Waechterruf Initiative (Watchman’s Call Initiative) Germany

3.16 Cathe, Nagaland Christian Revival Prayer Houses, India Leboea

3.17 US/DC Prayer Watch, Washington DC, USA

3.18 Prayer Towers, Indonesia

3.19 Prayer Watch for Drug Addicts

3.20 Prayer Romms in Churches

3.21 Towns in a 5 Week Prayer Cycle

3.22 One Town Per Day

3.23 Towships Saturated with Prayer

3.24 Police Station Prayer Watch, Soweto

3.25 The Youth and 24/7

3.26 Denominations and Christian Organizations

3.27 Million Hour of Praise

3.28 Prayer Mountains

3.29 Word Prayer Watches

4 Hobaneng Lihora tse 24 Ka Letsatsi

4.1 Morero oa Thapelo ea Mots’eare le Bosiu o Theiloe Holima Mangolo a Bibele

le Linnete tsa Bibele

1. HO THEOA HA THAPELO EA LIHORA TSE 24 MATSATSI A 7:

Ho tloha qalong ea 1990 lefatse ka bophara, ho bile le boikitlaetso bo bocha ‘Thapelong ea

Lihora tse 24 tsa Letsatsi, Matsatsi a ‘7’ a Beke’.

Tsebeletso ena e qaliloeng ke Molimo, e ntse e pharalla le lefatse lohle. Mahareng a mengoaha

e fetileng, Lithapelo tsa lihora tse 24 li ne li fokola. Empa ka tlase ho lilemo tse leshome, palo

ea tsona e ile ea hola ho fihla liketeng. Sepheo sa Litsebeletso tsena ke ho beha Liboholi

(Barapelli) Marakong: Le ho bokella ka hara likereke, litikoloha le linaha, batho ba tla

atamela Molimo ka Thoriso, Khumamelo le Borapelli MOTSEARE LE BOSIU.

Ka lefatse lohle, Ts’ebeletso ena ea Thapelo e theoa ho ea ka methati e itseng.

Likereke,Literopo, Linaha le Likontinente li bokella batho ba tla ema pela Terone ea Molimo

lihora tse 24 ka letsatsi, ho mo Rorisa le ho mo Khumalela; le ho kopa thuso bakeng sa Linaha.

Barapelli ba rapella TSOSELETSO KEREKENG, KHASO EA EVANGELI LEFATS’ENG

LOHLE, LE NTLAFALO LE PHOLO EA LITOROPO LE LINAHA.

Ho nepahetseng, ke hore likereke li qale Thapelo ena ea lihora tse 24 metseng ea tsona.

Qalong, Phutheho ka ‘ngoe e ka qala ka ho rapela lihora tse 24 hang ka beke, e be nako e ntse e

eketsoa butle-butle. Ntlha ea bobeli, Kereke li khothaletsoa ho theha ts’ebeletso ea Thapelo ea

Mots’eare le Bosiu, 24-7-365, li sebetsa ‘moho le Kereke tse ling ho rapella Motse, Toropo

kapa Naha tsa tsona.

Toro ke ho tsoellisa morero ona naheng e ‘ngoe le e ‘ngoe lefats’eng. Sepheo e le hore

Metseng, Litoropong, le likontinenteng tsa lefatse lohle, ho be le Thapelo e sa emiseng, hore

Lefats’e le senyehileng le robehileng le tlisoe Teroneng ea Molimo.

2 Cambuslang, Scotland

Bohlokoa ba pale ena ke ho bonts’a ho ka etsoang ka Thapelo e hlophisitsoeng e etsoang ka

nako eohle. Leha e ne e se Tsoseletso e kholo hakalo lilemong tse makholo a mararo (300) tse

fetileng, Tsoseletso ena e ile ea etsa susumetso litsoseletsong tsohle tse ileng tsa latela. Pale

ena e ke e u khothatse ho ho rapeleng; ho bokella ba bang hore ba rapele; le ho bitsa ho

Morena Molimo ka tumelo e nchafetseng bakeng sa lefatse le nang le bohloki, ‘me le bonalang

ka nako e ‘ngoe le se na ts’epo.

Ka 1741 Cambuslang e ne le toropo e nyenyane e ka Boroa-Bochabela (South-East) ho

Glasgow, Scotland; malapa a phelang moo a ka ba makholo a mabeli (200), batho bat eng ba le

kete tse peli (2000). Boemo ba sebaka sena moeeng bo nebo bata bo

shoele.Lihlopha tsa Thapelo ( tse bitsoang ‘Mekhatlo ea Thapelo’) tsa emisa ho

kopana. Moruti oa moo, William M ‘Culloch, e ne e le monna oa Molimo, empa e se

Moreri e motle. Ho ne ho se na mats’oao a Tsoseletso, kapa la bophelo ba semoea ka

kakaretso, Kereke ea tetebela tlase-tlase tebetebeng ea sebe le lefung la semoea, le

mokhathala. Ka nako eo, M’Culloch a utloela ka Tsoseletso e Northampton, New England,

(USA), botsamaising ba Moruti Jonathan Edwards. M’Culloch a lakatsa hore Cambuslang e be

le Tsoseletso e joalo. Ka cheseho e ncha a qala ho bala litlaleho (Reports) ka seo Molim o se

etsang USA phuthehong ea hae. M’Culooch a lakatsa ho hotetsa takatso ea Tsoseletso lipelong

tsa mohlape oa hae. Ka 1741 Scotland ea futuheloa ke ke lifefo tse matla, tsa lateloa ke

komello kholo ka 1742, batho ba ka bang kete tse peli (2000) ba ile ba shoa ke tlala.

Nakong ea 1741, moruti ea tummeng haholo, George Whtefield, o ile a tsoara ts’ebeletso

Cambuslang matsatsi a mahlano. Likoluo tse neng li le teng nakong eo tsa etsa hore batho ba

amohele Lentsoe la Molimo ka bocha. Qetellong ea Pherekhong 1742, batho ba babeli ba

phutheho ba isa ‘Lengolo la Qholotso’ ho baahi bohle ba toropo le kopang hore Moruti a qale

Ts’ebeletso ea mahare a beke. O ile a thabela haholo ho phethahatsa kopo eo. M’Culloch a

qala ho fana ka lethathamo la Lithapelo (Prayer Guide) ho thusa phutheho hore e rapele ka

ntsoe le le leng (in unison) linthong tse ling. Lithapelo tsena tse khopolo e le ngoe li ne li bitsoa

“konsarete tsa thapelo” (concerts of prayer).

Ka matsatsi a se makae tlala ea Lentsoe la Molimo e ile ea eketseha, ‘me hoo ha etsa hore

M’Culloch a tsoare Ts’ebeletso tsatsi le leng le le leng la beke. Ka khoeli tse peli batho ba

makholo a mararo ba paka hore ba sokolohile. Kereke e ne e tlala bosiu bo bong le bo bong ‘e

batho ba tikolohong eo ba hlokomela hore ho na le seo Molimo o se etsang. Ba ile batla ho tla

bona le ho ikutloela se etsahalang, ‘me lipelo tsa bona tsa ameha. Ts’ebeletso tse ling li ne li ne

li tsoela pele bosiu bohle. Mosebetsi o ile oa eba boima hoo M’Culloch a ileng a batla thuso.

Baruti ba bang ba ile ba ea Cambuslang ho thusa ka lits’ebeletso, ka tlatsetso ea bona,

tsoseletso e ile ea phakisa ho namela libakeng tse ling tsa mabalane a Scotland (Scottish

lowlands). Ka Phupu

(July) 1742, tsoseletso e ile ea fihlela boemo bo boholo. George Whitefield o ile a kopuoa ho

khutlela Scotland ho ea tsamaisa lits’ebeletso tse ling. Hang-hang likopano tsena tsa Thapelo li

ne li se li sa fokole, hobane batho ban e ba li kena ka bangata, ‘me li ithorisa ka hoo. Tsatsi

leleng le le leng ho ne ho na le nako ea Thapelo e kopanetsoeng (Corporate Prayer). Hohle

batho bane ba hoeletsa ho Molimo ho kopa hore a sebetse hara bona ka matla a maholo.

Hangata lihlopha tsena li ne li rapela bosiu kaofela.

Whitefield o ile a fana ka mabaka a mararo malebana le tsoseletso ena: 1) Tsoseletso e ne e sa

reroa ke batho, ho ne ho hlakile hore ke ts’ebetso e khethehileng ea Moea O Halalelang.

2)E ile ea eba teng tlasa ts’ebetso ea monna ea bitsoang William M’Culloch, ea neng a

sena neo e khethehileng ntlheng ea ho rera (Preaching), a mpa a hlokolosi ho etsa

mosebetsi oa hae oa letsatsi le letsatsi.

3) Tsoseletso e ile ea tsoaloa ke thapelo e ngata, ‘me ka bo eona ea tsosa Thapelo

e ngataM’Culloch le Robe (oa Glasgow) e ne e le banna ba Thapelo, ‘me tlasa

tsoaetso ea bona likopano tsa Lithapelo moo ban eng ba le teng, li ile tsa ba matla haholo

‘me tsa phela. Bakreste ba ile ba qala ho rapela ka matla le ka kholiseho.

Nakong eo likopano tsa Thapelo li ile tsa theoa ka makholo moo Scotland. Bacha ba ile ba qala

ho rapela ka cheseho e kholo ‘me likete-kete tsa batho tsa inehela ho Kreste. Ka Phupu, 1742,

Whitefield o ile a rerela batho ba kete tse mashome a mabeli (20,000) Cambuslang. (ka nako

eo batho ba toropo eo bane ba le kete tse peli (2.000) feela). Mats’oele a ile a amohela tumelo,

batho ba oela fats’e, ba bokolla, ba ipolela libe tsa bona. Ka Phato, Whitefield o ile a khutla ho

nts’etsa pele lits’ebeletso. Batho ba ka etsang likete tse mashome a mararo (30,000) ba ile bat

la ho mo mamela. Ka Mphalane 1742, John Erskine o ile a ngola hore Tsose letso ea

Cambuslang ke tholoana ea pele (first fruit) ea se tlang ho etsahala. Batho ba bangata ba ne

ts’oantsa se etsahalang Cambuslang le “Leru le Lengengane” la ‘1 Marena 18:44’. Ban e ba

lebeletse ho ts’oloha ho ho holo ha Moea o Halalelang – ‘me ho ile ha fela ha etsahala. Ka

1744, baruti ba ‘maloa ba ile ba kopana ‘me ba etsa qeto ea kenya ts’ebetsong naheng kaofela

seo se etsahetseng Cambuslang. Sechaba kaofela se ile sa phuthoa, sa bokelloa, sa hlophisetsoa

ho ba ‘Kopano e kholo ea Thapelo’. Baruti bane ba lumela hore hona ho tla tlisa phetoho e

kholohali. Lihlopha tsa Thapelo li ne li lokiselitsoe ho kopana hang ka beke, ‘me lihlopha

tsohle li lokiselitsoe ho kopana hang ka mora nako (per term), hape li kopana ka liphutheho tsa

likereke. Ka nako ea Thapelo, bane ba shebile lintho tse peli a) Tsoseletso Kerekeng ea

Morena. b) Kholo ea ‘Muso oa Morena Molimo lefats’eng lohle.

John Wesley o ile a utloa ka morero ona ‘me a o ts’ehetsa. Jonathan Edwards oa USA le ena a

tla ho tla utloa ka morero ona ‘me a kenya taba ena ts’ebetsong naheng ea habo. Tsoseletso e

ile ea namela Wales, England.Ireland le Kontinenteng ea Europe. Morena Molimo o hlile a

hlohonolofatsa Boiteko bona ba Thapelo.

Tsoseletsong ena re ithuta ka matla a Thapelo e kopanetsoeng, le bohlokoa ba Thapelo e

reroang ‘moho. Re ithuta bohlokoa ba ho rapella ntho e le ngoe ‘moho. Matla a maholo a teng

Thapelong e kopanetsoeng e tsoelang pele (sustained). Taba ena e tiisoa ke Bibele ho Liketso

1, moo ho ngotsoeng hore barutuoa ba ile ba rapela matsatsi a leshome. Nakong ena Moea o

Halalelang O bokella batho ba limilione-milione ho kena Thapelong e kopanetsoeng. Ke

lumela nakong ena ho na le ts’usumetso e matla ho khannela balumeli hore ba rapele ka matla.

Ho ile ha etsahala ntho e tsoanang nalaneng ea litsoseletso tse fetileng; mahareng a 1900 le

1910. Ka 1896 Moea oa Morena Molimo o ile oa bokelletsa balumeli ba India, USA, South

Africa, Wales, Australia le tse ling ho kena Thapelong e k9opanetsoeng.. Hona ho ile ha

hlahisa leqhubu la Thapelo e amang machaba e holing ho tloha matleng a mang ho isa matleng

a mang; ho fihlela ba le tsoseletso Wales ka 1904. Hona lilemong tseo tse leshome, ho ile ha ba

le litsoseletso Korea, South Africa, England, USA, India, Australia le naheng tse ling,

3 Histori ea Thapelo tsa Hora tse 24: Mefuta e Fapaneng:

Liratsoana tse latelang, li bonts’a mehlala e se mekae ea Lithapelo tsa Bosiu-le-Mots’eare

historing ea Kereke:

2.1 Testamente ea Khale: Ho Exoda le Levitike re bala hore Baprista bane ba boloka lebone la

Tempele le tuka. Taelo ea Molimo e ne e le e matla ea hore mollo Aletareng o se ke oa

lumelloa hore o time. Baprista bane ba sebetsa ka linako tse fapaneng hore Tempele e lule e

tletse ka Thapelo, Khumamelo le Pina lihora tse 24 (Lev. 6:12-13)

2.2 Essenes: Nakong ea Morena Jesu, lefapha le leng la Judaism, e leng Essenes, le ne le lumela

tabeng ea ho rapela lihora tse 24. Sechaba se ne se arotsoe lihlopha tse tharo, hore bat le ba ‘ne

ba chenchane ho rapela letsatsing la laboraro, hore ba falimehe ba rapele bosiu bohle.

2.3 Kereke ea Pele ea Bakreste: Kereke ea pele e ile ea tsoaloa Thapelong ea 24-7(hora tse 24,

matsatsi a 7). Ho lumeloa hore barutuoa ba pele ba ile ba rapela ‘moho, ba le pelo e le ‘ngoe le

maikutlo a le mang, matsatsi a leshome, pele Moea O Halalelang o theoha ka Pentakonta.

2.4 Lehoatata la Egepeta:

Mengoaheng ea boraro le ea bone, Bakreste ba Egepeta ba ile ba ea lehoatateng ho rapela le

ho ikhutsa. Banna le basali ba boikitlaetso ba ile ba lula moo lehoatateng. Le kajeno

mesebetsi ea ba bang ba batho bao, e ntse e bonahala e bile e khanya. Nako eno e atisa ho

boleloa e le ea bo-ntate ba lehoatata. Mohlala o latelang, ke o mong oa Likopano tsa

Thapelo nakong eo:

Karolong e ka Bophirima ea lehoatata la Egepeta, bakeng se bitsoang ‘Wadi El Natrun’

(Khohlong ea Letsoai), St Macarios o ile a haha ‘Li-Monesteri’ (Monastries) tse ‘ne. (Ha

se tsona feela tse ileng tsa hahoa bakeng seo, e mpa e le mehlala). Ba Itlami (Monks) ba

pakeng tsa 8 000 le 10 000 ba ne ba phela li Monestering tseo (kakaretso ea bona e ne e ka

ba 40 000). Thapelo e ne e le eona ts’ebetso ea bona ea mantlha. Ban e ba rapela lihora tse

12 ho isa ho 20 ka letsatsi. Tsatsi le leng le le leng bane ba rapela Lipesalema tse 150 ka

tatellan le Libuka tsa Baprofeta le likarolo tse ngata tsa Testamente e Ncha!Lithapelo

tsena tse neng li etsoa mots’eare le bosiu, li ile tsa tsosa Tsoseletso e ileng ea nama joalo

ka mollo ho tloha Egepeta ho isa Ethiopia, Syria Greece le likarolong tse ling tsa

Europe le Russia. Evangeli ea phatlalla Afrika eohle e ka Leboea. Baitlami (Monks) ban e

ba phathahane ka Thapelo ea lihora tse 24. Ba Rapela Lentsoe le Lits’episo tsa Molimo

Bosiu le Mots’eare. Balumeli ba ka ithuta ho ho holo ka Bophelo le Thapelo ea Bo-

Ntate ba Lehoatata.

Ho etsahalang hajoale ke Thapelo e Kopanetsoeng (Corporate/Collective Prayer). Matla a

teng moo, empa ho fokola le hona ho teng hobane ha e hahe Bophelo ba Borapeli ba motho

ka mong.

2.5 Qaleho ea Limonasteri (Monastries):

Ka mora ho ata li-Monasteri nakong ea 500 AD, Thapelo ea lihora tse 24 e ile ea etsahala

ka Mengoaha e ‘maloa. Ha ho blaetse hore mollo ona oa Thapelo o ile oa boloka tsoelopele

ea Kereke nakong tse thata. Li-Monesteri ke moo Thapelo e neng e le teng lihora tse ka

bang 24 mots’eare le bosiu. Ho ne ho na le tiea ho ho holo Thapelong

2.6 Thapelo (Prayer Watch) ea Celtic, Bangor:

Ka 558 AD, monna ea bitsoang Cumgall a qala Tebelo ea Thapelo ho ba-Celts Bangor,

haufi le Belfast. Bane ba Rapela Lipesalema tsa Davida lihora tse 24 ka Letsatsi.

Lihlopha tsa banna ba ka bang 3 000 ba ikarola hlopha tse tharo tsa 1000, se seng le se seng

se nka lihora tse 8 se Rapela Lipesalema. Tsoseletso e ile ea e ba teng ho bao ba ma-

Celts. ‘Me ea namela Lihleke-hlekeng tsa Britani ho ea le Europe. Tebelo ea Thapelo e ile

ea tsoelapele Mots’eare le Bosiu lilemo tse ka bang 300.

2.7 Thapelo (Prayer Watch) ea Fora (France):

Mahareng a Ngoaha oa Borobeli (8 th Century), monna ea bitsoang Columbanus a ea Fora

ho qala li-Monesteri, a ipapisa le tsela eo Cumgall a entseng ka eona Bangor. Balateli ba

hae ba tsoela pele ka Thapelo ea Mots’eare le Bosiu ka lilemo tse 150. Ka baka leo

Leqhubu le lecha la Tsoseletso la aparela likarolo tsa Europe.

2.8 St Bernard oa Clairvaux

Ngoaheng ea leshome le metso e ‘meli (12 th Century), Bernard oa Clairvaux, For a, a ithuta

ts’ebetso e entsoeng ke Columbanus le Cumgall, ‘me a sebelisa mokhoa o ts’onang oa

Thapelo, (Mots’eare le Bosiu) li-Monastering tsa hae. Lilemong tse 40 the latelang,

Tsoseletso ea ba teng likarolong tse ngata tsa Fora le Europe.

2.9 Moravians:

Ka 1727, ba-Moravians, Herrnhut, ba qala Tebelo ea Thapelo ea 24-7-365, e ileng ea

tsoelapele lilemo tse 125. E ile ea qala ka bo-mme le bo-ntate ba 48, ba neng

ba rapela ka bobeli ba nka hora. Ka mora nako, balumeli ba bang ba ile ba kennella

Thapelong ena esita le bacha le bana.Ka lilemo tse 25 Kereke ea Moravia e nyenyane, ea

maphutheho a 600, e ile ea romela Baromuoa (Missionaries) ba fetang ba rometsoeng

ke Likereke tsa Ba-Prostata kaofela ka lilemo tse 200 tse fetilng. Hara tse ka boleloang,

Tsoseletso ea Ngoaha oa 18 (18 th Century), ho thehoa ha Likereke tsa Monrovians linaheng

tse ngata, le ho thehoa ha Kereke ea Methodist, ho amants’oa le Tebelo ena ea Thapelo.

2.10 Ngoaha oa Bo-19 (Turn of the 19 th Century):

Pelenyana ho qaleho ea Ngoaha ea 1900, Thapelo ea 24-7 e ile ea qaleha USA.Tebelo ena

ea Thapelo e hlahisitsoe ke Sephetho sa Pentakonta (Pentacostal Movement) se ileng sa

qala ka 1906.

2.11 Mengoaha e ‘Meli e Tsoa Feta (Last Two Decades, 1980’s)

Mengoaheng e mmeli e fetileng ho tloha ka 1980, makholo a batho, linaheng tse ka bang

150, a qalile Tebelo ea Thapelo ea 24-7-365. Hona ke ntho e anetseng lefats’e, mme e tse e

tsoelapele joalo ka mollo oa hlaha. Tebelo tsena tsa Thapelo li theoa ka mekhoa e

fapaneng, le merero ea eona e fapane.

2.12 Ntlo ea Thapelo ea Machaba (International House of Prayer) IHOP Kansas City):

Mahareng a 1980, Molimo o ile a bitsa Mike Bickle hore a latele bophelo ba Thapelo. O

ile a qala lihlopha tsa Thapelo a ba a khothaletsa batho hore ba nke nako e ngata thapelong

tsatsi le leng le le leng. Ka mora lilemo tse ka bang 13, lihlopha tsena li ile tsaqala Tebelo

ea Thapelo (Prayer Watch) ea hora tse 12; ‘me ho tloha ka 1999 Thapelo ea 24-7- 365 e

tsoelapele Kansas City. E bitsoa Ntlo ea Thapelo ea Machaba (International House of

Prayer). Morero le sepheo sa Barapelli bana ke ho theha kapa ho qala lithapelo tsa mofuta

ona lefats’eng lohle.

Mike Bickle le ba sebetsang le ena ba ile ba qapa mokhoa o mongo a ho rapela o bitsoang

“Harp and Bowl”. Mokhoa ona o kopanya ‘Ho Rorisa, Ntoa ea Semoea (Spiritual

Warfare) le Ho Rapella (Intercession) ka mokhoa o khethehileng (webpage: ). Mokhoa ona

oa Thapelo o ka hlalosoa e le Khanare ea Thapelo ka Moea oa Taberenakele ea Davida,

Thapelo e tsoelapele hora tse 24 ka letsatsi.

2.13 Jerusalem House of Prayer for all Nations:

Jerusalem House of Prayer for All Nations e qaliloe ke Tom Hess ka 1987. O ile a fallela

Jerusalema ho ea qala Tebelo ea Thapelo ea lihora tse 24 (24 Hour Prayer Watch) ho

rapella khotso ea Jerusalema le lichaba tsa lefatse. Gates of Jerusalem Watch ke karolo ea

Thapelo ena eo a e qalileng. Lihlopha tse 12 li rapela hora tse peli tsatsi le leng le le leng

likhorong (Gates) tsa Jerusalema. Ka 1999, Hess o ile memela Barapelli Sebokeng sa pele

sa Tebelo ea Thapelo ea lihora tse 24. Linaha tse ngata li ile tsa emeloa Sebokeng sena.

Hajoale Hess o sebetsa ka thata ho theha lefats’eng lohle Tebelo ea Thapelo ea lihora tse

24. Mongoaheng o sa tsoa feta, ho se ho thehiloe li Tebelo tsa Thapelo tse ling Israel.

2.14 Uganda:

Ho tloha ka 1995, World Trumpet Mission le Watchman Intercessors Network tlasa

boetapele ba John Mulinde, Laban Jumba le ba bang, ba thusitse hore ho theoe li Tebelo tsa

Thapelo literekeng tse 24. Barapelli Uganda ba rutoa ho ba balebeli ka Thapelo litoropong

le metseng ea bona ho lokolla naha ea bona matleng a lefifi.

2.15 “Waechterruf Initiative” (Watchman’s Call Initiative) Germany:

Projeke ena e qalile Hlakola 2000. Mokhoa oa bona oa ts’ebetso, ke hore hang ka khoeli,

teropo e ‘ngoe le e ‘ngoe e tlameha ho rapella naha ea Germany, pholoho ea batho, litlhoko

tsa baahi le ‘muso (ho tloha 00.00 ho isa 24.00). Berlin e amohetse boikarabelo ba ho

rapela letsatsing la pele la khoeli e ‘ngoe le e ‘ngoe, Stuttgart ka tsatsi la bobeli la khoeli,

joalo joalo. Qetellong literopo tse fetang 300 li ne li keneletse Thapelong.

2.16 Cathe (The Place Where One Asks), Nagaland Christian Revival Prayer Houses,

India Leboea:

Ka 1962, Tsoseletso e neng e kenyelelitse Tebelo ea Thapelo, e ile ea qala. Likereke li ne li

bitsoa Matlo a Thapelo (Houses of Prayer). Kajeno batho ba fetang 95% ba Nagaland, ke

Bakreste. Ntlokholo ea Thapelo Nagaland, e Cathe, moo matlo a 60 a hahetsoeng batho ba

kang Simione le Anna ba Bibeleng ba lakatsang ho fana ka maphelo a bona bakeng sa

Thapelo. Lithapelo tsa lihora tse 24 li bolokiloe hona moo. Literopo tse haufi le moo, li

fana ka lijo le tse ling tse hlokehang bakeng sa batho ba Thapelong. Tebelo tsa Thapelo li

qaliloe li le ngata moo Nagalang, qetellong ea 2000, ho ne ho se ho na le tse ka bang 100.

2.18 US/DC Prayer Watch, Washington DC, USA:

Ka 1988, sehlopha sa baetapele ba Bakreste ba ile ba lokisa beke ea Thapelo ea lihora tse

24, e tsoareloa sebakeng se khethehileng(Strategic Place) Washington, DC. Litholoana

(Results) e ile ea eba tse khothatsang. Baetapele bana ba ile ba utloa hore Molimo o batla

ba tsoelepele ho rapela, empa ha ba ka ba tseba ho phethahatsa thomo ena. Leha ho le

joalo, ka 1997, pitso ea ho rapela ea hlaha hape ka bocha, Thapelo US/DC (US/DC Prayer

Watch) e ile ea qaloa ho rapella USA lihora tse 24 tsa letsatsi; e shebane haholo le ho

rapella Washington DC, President, le Boikarabelo ba America Morerong oa Molimo oa

Lefats’e. Almanaka ea Thapelo e lokisitsoe e bonts’ang mabitso a batho, kapa a lihlopha,

tsa barapelli ba itokiselitseng ho rapela ka hora tse itseng hang ka beke kapa ka khoeli. Ha

joale (2005), barapelli ba limilione tse tharo (3) ba kenetse Thapelo ena.

2.19 Prayer Towers, Indonesia:

Ka ts’ebetso ea Khokahanyo ea Naha ea Thapelo Indonesia, ho entsoe Likhokahanyo tsa

Thapelo (Prayer Networks) Literopong tse 500. Ho hakangoa hore barapelli ba fetang

limilione tse hlano (5) ba hokahantsoe Thapelong ka hare ho naha ea Indonesia. Ho na le

Litora tsa Thapelo literopong, ‘me barapelli ba rapela hora tse 24 tsatsi le leng le le leng la

beke (24/7), barapelli 16 ba ikarotse hlopha tse ‘ne, tse rapelang hora tse ‘ne (4) ka letsatsi.

Hara beke batho ka bo mong kapa lihlopha ba tla Thapelong. Ka nako tse ling barapelli ba

qeta khoeli ba ntse ba le moo ho fihlela ba ka ba lokollang ba fihla. Ha joale Prayer Tower

tse sebetsang li 69.

2.20 Prayer Watch for Drug Addicts:

Mohatsa Moruti Pretoria, Africa Boroa, eo mora oa hae a neng a sebelisa lithethefatsi, ha

aka a lahla ts’epo ka ngoana oa hae, o ile a qala ka matla. Ka mora nako a bokella

sehlopha sa batsoali labohlano la ho qetela la khoeli ho rapela bosiu kaofela bakeng sa bana

ba hateletsoeng ke bothata ba lithethefatsi. Ka lilemo tse tharo (2002-2005), sehlopha sena

se ile sa hola ho fihlela e ba lihlopha tse 9 tsa 24-7-365 tse rapellang bana ba hateletsoeng

ke ts’ebeliso ea lithethefatsi.

2.21 Prayer Rooms in Churches

Ka 1990 Moruti Terry Tekyl (USA) a etsa Phaposi ea Thapelo ea lihora tse 24 ka letsatsi

Kerekeng ea hae. E ile ea atleha haholo. Ho tloha moo, Moruti Tekyl o sebetsana le ho

theha Ts’ebetso ena moo USA le linaheng tse ling.

2.22 15 Towns in a 5-Week Prayer Cycle:

Mahaeng a Province e ngoe Afrika Boroa, Barapelli ba 28 ba ile ba rapela mots’eare le

bosiu matsasi a 31 a Khoeli ea Mots’eanong (May) ka 2004. Ka morao ho moo, ba ile ba

lokisa le literopong tse nyenyane tse 15 ho kena Thapelong ea bosiu le mots’eare.

Lityeropo tse thro li arolelana lihora tse 168, ba nke boikarabelo ba ho rapela 24-7 bekeng

ea bohlano e ‘ngoe le e ‘ngoe. Ha joale ba ts’ebetson gea ho qala Lithapelo ka tsela e

ts’oanang libakeng tse ling tse ‘ne.

2.23 One Town per Day:

Provincing ea Mphulanga, Afrika Boroa, ho na le khokahanyo e lokisitseng hore literopo li

nke boikarabelo ba ho rapela lihora tse 24 ka letsatsi le itseng la beke. Literopo tse ngata li

se li nkile karolo Thapelong ena ea 24-7-365.

2.24 Township Saturated with Prayer:

Sehlopha sa balumeli lekeshining le bitsoang Orang Farm, ea baahi ba 1.5 milione, Boroa

ho Soweto, Afrika Boroa, e fumane mokhoa oa hore Lekeishini lohle le koaheloe ka

Thapelo. Baile ba arola lekeishini likarolo tse 10, ba kenyeletsa literopo tse 10 tse

nyenyane tse potileng Orange Farm. Ha ba le Moruti ea qalang Lithapelo likarolong tseo

kaofela. Selemo Lithapelo tsena li qalile, litlolo tsa molao (crime) libakeng tseo e ile ea

fokotseha, le batho ba amohela Morena Jesu joale ka Morena le Mopholosi oa bona. Ka

khoeli tse 11 Lithapelo tse theiloeng e bile tse 24.

2.25 Police Station Prayer Watch in Soweto:

Superitentente oa Sophiatown, steshene se seng sa sepolesa Soweto, o ile a theha Thapelo

ea 24-7-365. Mona moo seteshene sena sa sepolesa se leng teng, litlolo tsa molao (crime)

bo nebo le boemong ba bobeli ho tloha holimo ha ho lekangoa le liteshene tse 19 tsa

sepolesa sebakeng seo. Ka mora likhoeli li se kae tsa Thapelo ea mots’eare le bosiu, moo

balumeli ba moo le ba bang ba sepolesa ba ileng ba nka karolo ho rapela. Lipalo (statistics)

tsa litlolo tsa molao li ile tsa theoha hore ebe tse ka tlase-tlase bakeng seo.

2.26 The Youth and 24/7:

O mong oa Mokhatlo (Movement) o matla oa Thapelo, ke o ileng oa qala ka bacha ba

England ka 1999. Ka Loetse 1999, Pete Greig a qholotsa bacha ba 200 ba Kereke, teropong

e nyenyane ea Chichester, haufi le Southampton, England. O ile a ba qholotsa hore ba

rapelle thaka tsa bona lihora tse 24 ka matsatsi a 30. Ba rapela mots’eare le bosiu ho feta

likhoeli tse tharo (3).

Ka Ts’itoe 1999, ho ne ho qaliloe Mokhatlo o mocha oa Thapelo. Ha joale (2005),

Mokhatlo ona o tsejoa e le 24-7 bacheng. Lihlopha tsa bacha li khabisa ka bokhabane

phaposi (room) eo ba tlang ho rapella ho eona, e be joale ba qala ba rapela teng lihora tse

168, e leng Montaha ho isa Sontaha. Ka nako tse ling thapelo e tsoelapele libeke. Ha

lithapelo tsena li nka 24-7-365 li bitsoa “Boiler Room”.Ho se ho batla ho tloaeleha hore

24-7 e bitsoa “Boiler Room”. Qalong ea 2005, ke linaha tse 85 tseo Mokhatlo oa 24-7 o

neng o se o qalile ‘me o hola.

2.27 Denominations and Christian Organisations:

Ka Mokhatlo oa Thapelo ea 24-7 e qaling bacheng England, mokhoa o mocha o ile oa qala

ho hlaha. Salvation Army ea Australia le ea England ba kopa hore makala a bona ka

bongoe a rapele 24-7 matsatsi a beke. Hang-hang makala ana a fana ka bopaki ba hore

maemo a fetohile libakeng tsa bona. Ba bang ba tlaleha hore palo ea batho ba enehelang ho

Kreste e menahane hararo, le hore kholo e

hlollang le eona ea bonahala. YWAM, ka makalana a eona a 16 Europe Bophirima, ba ile

ba khetha selemo kaofela e le seo ba tla nka boikarabelo ba beke ka tatellano ba rapela 24-

7. Ka 2005, e ne se e le Likereke le Mekhatlo ea Bokreste e 13 England e neng e se e tlatsa

selemo kaofela ka Thapelo ea 24-7.

2.28 Million Hours of Praise:

Mosali ea bitsoang Cathryn Brown England, o ile a qala Thoriso le Khumamelo ea lihora

tse millione, e ileng ea fetoha Thoriso le Khumamelo ea mots’eare le bosiu. Lihlopha tsa

Khumamelo lefats’eng ka kakaretso li khothaletsoa ho kenella mokhatlong ona.

2.29 Prayer Mountains:

Korea e Boroa e tsebahala haholo ka Prayer Mountains (Lithaba tsa Thapelo). Likereke tse

fapaneng li lokisitse libaka lithabeng moo batho ba eang teng ho ea rapela mots’eare le

bosiu. Boholo ba libaka tsena li fana ka bolulo (accomadation) bo lekaneng, ntlo e

nyenyane ea ts’ebeletso (chapel), liholo, le libaka kapa liphaposi tsa Thapelo moo batho ba

ka rapelang ka bo mong.Bakreste hangata ba ea moo ho ea rapela le ho itima lijo matsatsi a

40.Lithaba tsena tsa Thapelo li lula li eteloa ke baeti ba bangata ba ea ho tsona ho ea rapela.

Ba ea moo ho rapella maemo a bona kapa a naha, Korea Leboea le Lefats’e. Kereke Korea

Boroa e lumela hore Ts’ireletso ea Lipolitiking, Botsitso ba Korea Boroa esita le Kholo

ea Kereke, li teng ka baka la lithapelo tse etsoang lithabeng.

2.30 Word Prayer Watches:

Ka matsatsi a leshome a Thapelo ea Mots’eare le Bosiu ea 10-15 Mots’eanong, 2005,

kereke e ngoe Pretoria, South Africa, e ile ea qala Thapelo libakeng tse tharo moo ho neng

ho rapeloa Lentsoe (Bibele) feela. Ba ne ba e bitsa ‘Word Watch’. Kamoreng ea pele ea

Thapelo, barapelli ban e ba bala Bibele ho tloha ho Genese ho ea ho Ts’enolo ba rapela

lihora tse 240. Kamoreng ea bobeli ea Thapelo, ban e ba bala Lipesalema , Lithapelo tsa

Morena Jesu, le Lithapelo tse ling tse fumanoang Testamenteng ea Khale. Kamoreng ea

boraro ea Thapelo, ban e ba bala tse qotsitsoeng Bibeleng (Likete-kete tsa lits’episo, litaelo,

lithapelo tsa Baapostola Testamenteng e Ncha, Lentsoe (litemana) tse buang ka Boleng ba

Morena Molimo, le morero oa Morena Molimo ka motho le tse ling.

3. Hobaneng Lihora Tse 24 ka Letsatsi?

3.1 Morero oa Thapelo ea Mots’eare le Bosiu o Theiloe Holima Mangolo a Bibele le

Linnete tsa Bibele:

3.2 Molimo o re hlokomela lihora tse 24 tsa letsatsi (Psalm 121), ‘me Lentsoeng la Hae, O re

biletsa ho lebela le ho rapela le Eena.Ts’enolo 4-5 e bonts’a hore Mangeloi le Baholo ba

24, ba khumamela Molimo mots’eare le bosiu. Bibele e re ruta hore rapelle hore thato ea

Molimo e phethahale lefats’eng joalo ka ha e etsoa leholimong’ ‘me leholimong ho na le

Thoriso, le Khumamelo le ho Rapela lihora tse 24 ka letsatsi. Ke ka hona re lumelang hore

Thoriso, Khumamelo le Thapelo li lokela ho etsoa lihora tse 24 tsa letsatsi. Tsela, eo sena

se ka fihleloang ka eona feela, ke ka ho theha Thapelo ea lihora tse 24 ka letsatsi.

3.3 Testamenteng ea Khale, Mollo oa Aletare o ne o lula o tuka “Mollo oa Aletare o tla ‘ne o

tuke ho eona, o se ke oa tima. Ka hosasa ho hong le ho hong, moprista o tla besa patsi ho

eona, a lokise secheso holim’a mollo, a ntoo chesa mafura a mahlabelo ka mehla, ‘me o ke

ke oa lesoa oa tima” Levitike 6:12-13. Mesebetsi ea bohlokoa ea moprista e ne e le: a)

Borapelli (ka Thapelo le Linyehelo); b) Thoriso le Khumamelo. Mollo o Aletareng e

ne e le sesupo sa Thoriso, Khumamelo, Borapelli le Poelano, tse sa emiseng/kapa tse

tsoelang pele.

3.4 Thapelo ea 24-7, e thusa Kereke ho fihlela taelo ea Molimo hore e be ‘Ntlo ea Thapelo

Bakeng sa Machaba’ (Esaia 62:7). Ka ho theha Thapelo ea 24-7, Likereke li atleha ho nka

boikarabelo ba ho ema e le liboholi/ balebeli marakong a Kereke lefats’eng ka bophara,

bakeng sa motes oo ba phelang ho ona, le bakeng sa naha ea bona le ea lichaba tse ling.

3.5 Thoriso, Khumamelo le Borapelli tse eysoang lihora tse 24, li tlisa ntho e ncha le botebo

likamanong tsa morapelli le Molimo.

3.6 Thapelo ea lihora tse 24 e lokisa tsela bakeng sa “Ho Khutla ha Bobeli ha Morena Jesu”.

Hape ke tsela ea ho tlatsa lefats’e lohle ka Khanya ea Hae (Hab. 2:14).

3.7 Thapelo ea lihora tse 24 e sebetsana ka ho otloloha le ho tlisa Kotulo.

3.8 Molimo ka sebele o re beile hore re be liboholi marakong ho rapella phethahatso ea

lits’episo ttsa Hae. “ Ke beile liboholi marakong a hao, Jerusalema; li ke ke tsa khutsa le

ka motsotso o le mong, mots’eare le bosiu; lona bao le hopotsang Jehova, le se ke la ipha

sebaka sa ho phomola! Le se ke la mo fa sebaka, a ba a tsose Jerusalema, a mo etse motes

o rorisoang lefats’eng”(Esaia 62:6-7). Lemoha: a) Ke Molimo ka sebele ea khethang kapa

ea behang liboholi; b) Ba tlameha ho ema pela Hae lihora tse 24 ka letsatsi; c)

Liboholi ha li lokele ho khutsa, kapa ho mo fa sebaka sa ho phomola ho fihlela lits’episo

tsa Hae tsohle li phethahetse. Lentsoe la Molimo le tletse ka likete-kete tsa lits’episo

bakeng sa bana ba Hae. Mangolo (Bibele) a re ruta ho repela re sa emise bakeng sa

phethahatso ea lits’episo tseo.

3.9.1 Ka ho Luka 18:7 Molimo ts’episa ho re etsa hantle ( ho busetsa malulong ho

senyehileng – botlokotsebe (crime), lintoa, bofuma, ts’ebeliso e mpe ea lithethefatsi,

bobolu, boitsoaro bo bobe, ho hloka toka, manyalo a senyehang le bothata ba lefu la AIDS,

ha re bitsa ho Ena mots’eare le bosiu. “Na Molimo o keke oa etsa toka ho bakhethoa ba

Ona ba bitsang ho Ena mots’eare le bosiu?O tla ba emisa nako e kae?”

3.10 Mangolo a Paulosi a bua hangata ka borapelli ba mots’eare le bosiu bakeng sa

kereke le bakeng sa nts’etsopele ea khaso ea Evangeli.

3.11 Ho sebeletsa Molimo Ntate mots’eare le bosiu ka Thoriso le Khumamelo, ho hola

likamanong le Ena, le ho lula boteng ba Hae. Ts’enolo 4:8-11 “Libopuoa tse ‘netseo tse

phelang, se seng le se seng sa tsona se ne se melile lipheo tse ts’eletseng, ‘me se ne se tletse

mahlo ka nga tsohle le kahare; ‘me li ne li sa phetse , nots’eare le bosiu, ho re : Oa

halalela,oa halalela, oa halalela, Morena Molimo, Ea matla ‘ohle ea neng a le teng, ea

ntseng a le teng, ea tla ‘ne a be teng.

‘Me libopuoa tse phelang, enere ha li isa khanya, le hlompho, le teboho ho ea lutseng

teroneng, ea phelang ka mehla le mehla, baholo ba mashome a mabeli a metso e mene

bane ba oa ka mangole pel’a ea lutseng teroneng, ba rapwla ea phelang ka mehla le

mehla, ‘me ban e ba akhela meqhaka ea bona pel’a terone, ba re:Morena o loketsoe ke ho

neoa khanya, le hlompho, le matla; hobane o hlolile lintho kaofela, ‘me ke ka ho rata ha

hao li leng teng, li bileng li bopiloe.

3.12 Re ipolele libe tsa rona, re ikokobetse, re rapele bakeng sa ho folisoa ha lefats’e la rona, 2

Likronike 7:14, “Ha sechaba sa ka se bitsoang ka lebitso la ka, se ka ikokobetsa, sa

rapela, sa batla sefahleho sa ka, sa fapoha tsela tsa sona tse khopo, le ‘na ke tla utloa ke le

maholimong, ke tla lebala sebe sa bona, ‘me ke tla folisa lefats’e la bona.”

3.13 Rapellang moloko ona (bacha ba rona) ho khutlela ho Molimo, le be le phahamise ka

thapelo banna le basali ba ts’abang Molimo ba tla nts’etsa pele ‘Thomo e Kholo’ (The Great

Commission), le ‘Molao o Moholo’ (The Great Commandment). Lillo tsa Jeremia 2:18-19

“Pelo tsa bona li hooeletse ho Morena…Lerako la mosali oa Sione, ts’olla meokho mots’eare

le bosiu joalo ka hoja u le noka, u se ke ua phomola, thaka ea leihlo la hao e se ke ea lesa ho

lla. Tsoha, u luma-lume ka bosiu, qalong ea tebelo; u ts’olle pelo ea hao joalo ka metsi pel’a

sefahleho sa Morena! Emisetsa liatla tsa hao ho eena, bakeng sa bophelo ba bana ba

banyenyane ba hao ba shoang ke tlala koung tsa mapatlelo ‘ohle.”

3.14 Re rapelle ts’okoloho ea bahaisane ba rona, le bakeng sa ba lahlehileng lefats’eng lohle, le

bakeng sa litlhoko tsa bona. “Empa hona ke taba e neng e boleloe ke moporofeta Joele, ha a

re: Mehleng ea bofelo ke tla ts’ela nama eohle ka Moea oa ka; bara ba lona le barali ba lona

bat la porofeta; ba bacha ba lona bat la bona lipono, ‘me maqheku a lona a tla lora litoro.

Mehleng eo, ke fela ke tla ts’ela bahlnka ba ka ba batona le ba bats’ehali ka Moea oa ka, ‘me

bat la porofeta.Ke tla etsa mehlolo holimo leholimong, le meeka tlase lefats’eng, mali,

lemollo, le mouoane oa mosi. Letsatsi le tla fetoloa lefifi, le khoeli e fetoloe mali, tsatsi la

Morena le leholo, le khanyang, le e-so ho tle. ‘Me e mong le e mong ea tla rapela lebitso la

Morena o tla bolokeha” (Liketso 2:16-21). “Hobane Mora Motho o tlile ho batla le ho

pholosa ho timetseng” (Luka 19:10).

3.15 Re rapelle litlhoko tsa rona Mattheu 6:11 “U re fe kajeno bohobe ba rona…” Bafilipi 4:6-

7 “Le se ke la belaella letho; empa nthong tsohle seo le se batlang, le ke le se tsebise Molimo

ka thapelo le ka kopo e nang le teboho. ‘Me khotso ea Molimo, e fetisang kutloisiso eohle, e

tla boloka lipelo tsa lona le mehopolo ea lona ho Jesu Kreste.”

3.16 Thapelo ea lihora tse 24 e ts’ehetsa bo’ngoe pakeng tsa balumeli, hobane ba shebane le

maemo a le mang ao ba a rapellang hammoho. Hape e tlisa kopano pakeng tsa tsa likereke.

Thapelo ea lihora tse 24 e thusa ho bokella litho tsa likereke hore li rapele hammoho ka matla.

3.17 Ka hobane ba rapela ha‘moho, thapelo ena ea lihora tse 24, e khothatsa balumeli ho tiisetsa

thapelong. E thusa morapelli e mong le e mong, le lihlopha tsa barapelli ho lemoha hore bana

le boikarabelo, hape ea ba matlafatsa ka ho tseba hore ha ba rapele ba le bang.

3.18 Histori e bonts’itse hore Thapelo e na le karolo e kholo eo e e etsang bophelong ba metse le

lefats’e.

Hooray! Your file is uploaded and ready to be published.

Saved successfully!

Ooh no, something went wrong!